Skip to content

Ba Etele

Popularity ยท Low

YouTube

Searching YouTube...

Lyrics

Morena o ba etele bana bohle ba lefifi lesedi le ba chabele ka bophara ba lefatshe bophelo ke wena feela empa batho ha ba tsebe ba lahlehetswe ke tsela ba kgelositswe ke sebe Tadima bomadimabe joa ba sa tsebeng thapelo u ba romele diabi tsa ditaba tsa bophelo Bahlanka ba botshephegi ba ke ba rongwe dichabeng ho bolella balahlegi Jesu ea ba lopolotseng Moea o latele lentswe nageng tsohle moo le rongwang ha le setse le jadilwe e be wena o nosetsang O phakise o bokelle bao o ikhethetseng bona re tla ne re ba rapelle o re utlwe ntata a rona