Skip to content

Jehova Modimo Wa Iseraele

Popularity ยท Low

YouTube

Searching YouTube...

Lyrics

Jehova, Modimo wa iseraele, U re faladitse lefifing la pele; Re thaba hakaang ha re o khumamela; Kajeno re batho, re tseba ho rapela. 2 Maoto a khotso, a tswang ho monghadi, A tlile Lesotho, lefatsheng la madi, A re a sa hlaha, Satan'a thothomela, Mokhosi wa khutsa, dira tsa re bakela. 3 Mahaheng a matsho, thakong tsa ledimo, Ho binwa sefela se bokang Modimo; Naha ya nyakalla, e khabile ka metse, Nala e hlahile bakeng sa ditsietsi. 4 Ba neng qhalana ba bowela ha habo, Ba diqhobosheyane ba ba nka ka thabo; Leqheku le akwa ke tloholo tsa lona, Di tla di hodile; ho bokoe Mong'a bona! 5 E, dipoko tsohle di hlabe hodimo Ho wena, Jehova,Morena Modimo! Re sechaba sa hao, se ratiloeng ke Jesu; Tiisa 'muso wa hao fatsheng lena la heso.