Skip to content

Nyakalang Fatsheng Lotlhe

Popularity ยท Low

Listen

YouTube

0:00 / 0:00
Loading YouTube player...
Lyrics offset
Synced

Lyrics

Nyakallang lefatshe lohle, Lona ba senyehileng; Jesu o batla kahohle Batho ba lahlehileng; Ba fetohe, (bis) Ba sokolohe bobeng. Molao wa 'Moloki o teng Ho barutwa kaofela, Hore ba ise dichabeng Ditaba tsa ho phela; Batho bohle (bis) Bo bolokehe ho shoeng. E-eang, le re, ke ba shoetse, Ke ba lefetse dibe, Le Satane ke mo hlotse, Matl'a hae a fedile. Sefapano, (bis) Topollo e hlahile. Utlwang lentswe le molemo Le romiloeng ke Jesu, Le le kuke ka tumelo, Ke le phedisang batho; Matl'a lona (bis) A ka fetola pelo. Tumisang jwale hosanna! Modim'o re etetse, Bophelo re ya bo fumana, Jesu o bo tlisitse. Ba sione, (bis) Tlong, re mo dumedise. Jesu, thusa lentswe la hao, Le hasane lefatsheng; bohle re hopole molao Oo re o boleletsweng; Re phakise (bis) Ho bontsha ba lefifing.